Dipheo tsa Methalithiresi le tsa Ho ithuta

Ho ntshetsapele bokgoni ba baithuti ba ho hlahisa le ho arolelana lesedi ka inthanete

Ho na le dipheo tse nne tsa baithuti ba kgonang ho hlahisa le ho arolelana lesedi ka inthanete, sepheo se seng le se seng se kenya dipheo tsa palo e itseng tsa ho ithuta. Ha tse ding tsa dipheo tsa methalitheresi (mohopolo o tshehetsang ho ba le tsebo ya ho itseng, ho bontsha tsebo eo ka ho e sebedisa le ho e arolelana le ba bang inthaneteng) di tsamaellana le metheo ya litheresi ya lesedi le bileng bohlokwa nako e telele, dipheo tse ding di ntjha, di bontsha boemo boo lesedi la mehleng ya kajeno le hlahang hanyane-hanyane. Boholo ba dipheo tse boletsweng tsa ho ithuta bo fapane haholo le ba litheresi ya lesedi la mehleng ya boholoholo, ka ho fana ka diphetho tse ka sebediswang maemong a fapaneng a thuto.

Bokgoni ba baithuti ba ho hlahisa le ho arolelana lesedi ka inthanete bo na le makala a mane: lekala le amanang le boitshwaro (seo baithuti ba lokelang ho tseba ho se etsa ha ba atlehile ho phethela mesebetsi ya dithuto—bokgoni), lekala le amanang le monahano (seo baithuti ba lokelang ho se tseba ha ba atlehile ho phethela mesebetsi ya dithuto—kutlwisiso, tlhophiso, tshebediso, tlhahlobo), lekala le amanang le maikutlo (diphetoho tse etsahalang maikutlong a moithuti ka ho etsa mesebetsi ya dithuto), le lekala le amanang le ho tseba le ho utlwisisa monahano wa hao (seo baithuti ba se nahanang ka monahano wa bona—kutlwisiso e nahannweng ka hloko ya hore ba ithuta jwang le hore hobaneng ba ithuta, seo ba se tsebang le seo ba sa se tsebeng, mehopolo eo ba neng ba na le yona pele ba fumana lesedi, le hore ba tswella jwang ho ithuta).  Sepheo se seng le se seng se ka tlase se kena mokgahlelong o le mong kapa ho feta, wa makala ana a boletsweng, mme se filwe leibole e tsamaellanang le mokgahlelo ona (B ya boitshwaro, M ya monahano, M ya maikutlo, T tsebo le kutlwisiso ya monahano wa hao).

Dipheo tsena tsa thuto di hlokometse hore “baithuti” ba kgonang ho hlahisa le ho arolelana lesedi ka inthanete, jwalo ka ha ba bitswa jwalo, ba tlameha ho tswella ho ithuta, lesedi le fapaneng, le tshwanang le ho hlaha ka potlako, le sebediswang bophelong, mosebetsing le dithutong tsa letsatsi le leng le le leng. Barupelli le baithuti ba ka kgona ho fihlela dipheo tsena ka ditsela tse fapaneng, ho itshetlehilwe boemong ba thuto, ba kgetha ho ya ka menyu wa mesebetsi ya thuto. Dipheo di nahanwa ka kakaretso hore di kgone ho eketswa, ho hlahiswa hape le ho utlwisiseha le ho sebediswa maemong a fapaneng.

Sepheo sa 1: Hlahloba dikahare ka maikemisetso o ntse o hlahloba dikgetho tsa hao, papisong le dinthong tse ding 

  1. Netefatsa bokgoni o ntse o amohela hore ditsebi di teng. (M, M)
  2. Amohela hore ha se kamehla dikahare di hlahiswang ka mabaka a utlwahalang, le hore ho etsa dintho ka leeme, ho sa utlwisiseheng ha bonolo le ka ho pepeswa, ho a etsahala. (M)
  3. Nahana ka hloko ka hore o ikutlwa jwang ka lesedi kapa maemo ao lesedi le fumantshwang ho oona hore o be le mehopolo e mengata. (M, T)
  4. Batla lesedi ka hloko maikutlong le mehloding e fapaneng.  (B)
  5. Bolela kamoo sepheo sa mohlodi, mofuta wa tokomane le mokgwa oo o fumantshwang ka oona, o amang bohlokwa ba sona maemong a itseng. (B, M)
  6. Bolela phapang pakeng tsa maikutlo a hlahiswang ke mohlophisi ka dikahare tsa phatlalatso e itseng le maikutlo a mothahaselli ya itseng, ao mofuputsi a a sebedisang phuputsong, o amohela hore mekgwa ya boitshwaro le ditumelo di kenyeleditswe le lesedi kaofela. (M)
  7. Fumana bohlokwa ba lesedi le fumantshwang ka metjha e hlophisitsweng le leo ho fanwang ka lona feela ho sa latelwe metjha, le fumanwang mehloding e fapaneng ya inthanete, e jwalo ka lesedi le amanang le dithuto tsa boemo bo phahameng, mofuta wa dikahare o jwalo ka dividiyo, ditshwantsho, jj, oo basebedisi ba o kenyang inthaneteng le diOER. (M)
  8. Hlahloba lesedi leo basebedisi ba inthanete ba le kenyang ho social media mme o bontshe phapang pakeng tsa maikutlo le taba ya nnete. (B, M)
  9. Lekola o hlahisa maikutlo a hao ka se boletsweng ke ba bang leseding le fumanweng mehloding kaofela, le kenyeletsang dikahare tse fetohang tse fetiswang inthaneteng. (B)
  10. Hlahloba maikutlo a hao ka lesedi leo ho fanwang ka lona le kamoo le amang karabelo ya hao. (M, T)

Sepheo sa 2: Leka ho utlwisisa le ho sebetsana le boiqapelo ka tshwanelo le boikarabelo

  1. Bontsha phapang pakeng tsa ho itlhahisetsa lesedi le ho tswaka lesedi le fumanehang mahala ka sepheo sa ho le hlahisa hape. (M)
  2. Etsa ntho e ntjha le e thata ya ho iketsetsa mekgwa eo e leng ya hao, eo ho yona o tshehetsang maikutlo a ba bang bao o kgahlwang le ho utlwisisa mesebetsi ya bona.  (M, T)
  3. Nahana ka hloko kamoo o ka kopanyang boiqapelo ba motho e mong hantle le ka tshwanelo, le diphatlalatso tseo o ingollang tsona le tsa dikahare tse tswakilweng. (T)
  4. Iketsetse lesedi leo e leng la hao le ho fana ka lona, mme o tswake le ho fana ka sepheo se setjha sa dikahare tse fumantshwang mahala, o latela melao e loketseng.  (B)
  5. Bolela phapang pakeng tsa lesedi le hlophiswang le ho phatlalatswa bathong le dintlha tse hlalosang botho ba motho mme o nke diqeto o utlwisisa melao ya boitshwaro, ka ho arolelana lesedi ka tshwanelo inthaneteng. (M)
  6. Bolela phapang pakeng tsa tokelo e fuwang moqapi le bao a ba dumellang, ho hlahisa/sebedisa boiqapelo ba hae dingolweng tse ding, Dilaesense tse thusang moqapi ho dumella bangodi ba bang ho sebedisa mosebetsi wa hae tlasa dipehelo tse itseng, le dialesense tseo moqapi a dumellang ba bang ho sebedisa, ho arolelana le ho tswaka boiqapelo ba hae, ba sa kope tumello ya hae, ha ba hlahisa dikahare tsa bona le ho etsa dilaesense tsa mosebetsi o sebedisetswang sepheo se seng. (B, M)
  7. Bolela le ho latela ditebello tse totobaditsweng tsa ho bolela mosebetsi o motle wa boiqapelo ba motho e mong boemong boo o sebetsang ho bona. (B, M)

Sepheo sa 3: Iketsetse lesedi leo e leng la hao le ho fana ka lona maemong ao batho ba bang le bona ba fanang ka lesedi la bona

  1. Ipone o le mohlahisi le mosebedisi wa lesedi. (M, T)
  2. Eba le seabo ka hloko le ka ho latela melao ya boitshwaro maemong ao ho sebedisanwang le ba bang ho oona. (B)
  3. Tshireletsa dintlha tsa botho le dintlha tseo o di kenyang inthaneteng. (B, M)
  4. Fana le batho ba bang tsebo ka nepo ka ho hlahisa dikahare o sebedisa mekgwa le maemo a loketseng le a holang hanyane-hanyane. (B)
  5. Fetisa lesedi le hlahiswang ka mokgwa o itseng, o sebedisa mokgwa o mong hore le kgotsofatse ditlhoko tsa baamohedi ba itseng. (B, M)
  6. Amohela hore baithuti le bona ke matitjhere mme o rute seo o se tsebang kapa o ithutang sona maemong ao ho sebedisanwang le ba bang ho oona. (M, B, M)
  7. Hlahloba le ho netefatsa ka hloko dikahare tseo mosebedisi a di hlahisang mme o di sebedise ho hlahisa dikahare tse ntjha. (B, M)
  8. Amohela ho ba teng ha mekgwa e fapaneng ya boitshwaro ya ho etsa le ho fana lesedi bathong ba lefatshe kaofela. (B, M)

Sepheo sa 4: Etsa mawa a thuto a ho phethahatsa dipheo tsa nako e telele bophelong le mosebetsing wa porofeshenale

  1. Amohela hore ho ithuta ke ketsahalo e tswellang le hore ho nahana ka hloko ka diphoso ho etsa hore ho be le dikutlwisiso le ditshibollo tse ntjha. (T)
  2. Lekola ketsahalo ya ho ithuta ho bona tsebo eo ho ithutilweng yona le dikgeo tse ntseng di bonahala kutlwisisong ya seo ho ithutilweng sona. (M, T)
  3. Amohela hore ho nahana ka hloko ho itshetlehile tsebong ya thuto le ho sebetsa ka thata ho ba le kutlwisiso, o botsa dipotso le ho etsa dipatlisiso. (M, B, M, T)
  4. Bokgoni ba ho tswella ho sebeletsa ho fihlela sepheo le ha ho nka nako, ho kgona ho fetola mawa maemong a matjha ho ithuta bophelong. (T)
  5. Fetola mawa ho ya ka maemo a matjha a thuto o ntse o kgona ho fetola mekgwa e fapaneng ya ho ithuta. (M, B)
  6. Fetola mawa ho ya ka ditheknoloji tse ntjha le ho di utlwisisa le kameho eo di nang le yona dithutong.  (M, B)
  7. Bua le ho sebedisana le ba bang hantle ho ithuta mehopolo e mengata dibakeng tseo ho fanwang lesedi ho tsona. (B, M)
  8. Nka karolo maweng a dumellang hore o ithute ka bo wena, a kgothalletsang mehopolo e hlahiswang lefatshe ka bophara maemong a kajeno a disocial media. (B, T)
  9. Sebedisa bokgoni ba ho ithuta ba ho hlahisa le ho arolelana lesedi ka inthanete, e le ntho ya bohlokwa bophelong le tseleng ya ho etsa dintho.

Tokomane ena e qadile ho hlahiswa ke batho ba nkang karolo ho SUNY Innovative Instruction Technology Grant, Ho tlisa Tshebedisano ya Ho ithuta ho bala, ho ngola le ho buisana/sebedisana le baithuti ba bang ka dipolatefomo le disebediswa tse fapaneng Ho ntshetsapele Bokgoni ba Ho sebedisa Theknoloji le ho fana Lesedi Mongwahakgolong wa 21, ho itshetlehilwe dipheong tse boletsweng phatlalatsong ya Mackey and Jacobson, Reframing Information Literacy as a Metaliteracy, C & RL, 72.1 Pherekgong 2011 http://crl.acrl.org/content/72/1/62.full.pdf+html

Michele Forte (Empire State College), Trudi Jacobson (University at Albany), Tom Mackey (Empire State College), Emer O’Keeffe (University at Albany), and Kathleen Stone (Empire State College)

Bangodi ba Tlatsetso: Richard Fogarty (University at Albany), Brian Morgan and Kim Davies-Hoffman (SUNY Geneseo), Jennifer Ashton and Logan Rath (SUNY Brockport), Carleen Huxley (Jefferson Community College), and Nancy E. Adams (Penn State Hershey)

Diqotso tse sisintsweng:

Jacobson, T., Mackey, T., O’Brien, K., Forte, M., & O’Keeffe, E. (2018). 2018 metaliteracy goals and learning objectives. Metaliteracy. https://metaliteracy.org/learning-objectives/2018-metaliteracy-goals-and-learning-objectives/